Taolo ya Tsebo
Lefapha la Dikgokahano
DIPOTSO TSE BOTSWANG HANGATA: TAOLO YA TSEBO
Na Taolo ya Tsebo ke eng?
Taolo ya Tsebo ke mosebetsi o batsi wa mekgwa e mengata e fapaneng o etsang hore mekgatlo e ntlafatse tsela eo e bopang, e amohelang, e tiisetsang, e phatlalatsang, e bolokang hape e sebedisang tsebo bakeng sa ho fihlela maikemisetso a yona ka potlako hape le ka mokgwa o sebetsang hantle haholo.1
Na ke efe melemo e meholo ya Taolo ya Tsebo?
Mokgatlo o fihlela maikemisetso a ona ka potlako hape ka mokgwa o sebetsang hantle haholo, ka ho ntlafatsa
Mokgwa wa ho sebetsa,
Tshibollo,
Tlhodisano.
Melemo ya ba nang le seabo e kenyelletsa hona ho latelang:
Kgwebo e eketsa dipoelo;
Mmuso o eketsa phumantsho ya ditshebeletso;
Saense e eketsa tshibollo; mme
Tsebo ya basebetsi e eketsa kgolo ya motho ka boyena hape e ba le tshusumetso.
Hona ho ntlafatsa moruo, mme ho fokotse bofuma, athe hape ho eketsa le mesebetsi.
Na e ka ba Taolo ya Tsebo ke ntho e etswang ka potlako feela?
Taolo ya Tsebo ke mosebetsi o tswelang pele, mme ha se ntho e ka etswang ka potlako ya fela. Lefatsheng lohle, ho ntse ho inkelwa mesebetsi ya Taolo ya Tsebo, mme ha ho sa na boikgethelo bo bong. Taolo ya Tsebo ke yona tsela ya bokamoso.
Na Taolo ya Tsebo e amana jwang le Dilemo tsa Tsebiso?
Dipotso tse Botswang Hangata ka Taolo ya Tsebo, Loetse 2000
Dikhomputa, Inthanete le theknoloji e ntseng e tswela pele ka potlako ha jwale lefatsheng lohle, haholoholo mane Amerika, ke dintho tse entseng hore ho be le hoo hangata re ho bitsang Dilemo tsa Tsebiso, empa tseo boholo ba tsona di bohehang e le phetoho e lebileng Dilemong tsa Tsebo. Jwalo ka ha setjhaba se sutha Dilemong tsa Diindasteri ho leba tshebetsong e tsejwang ka Dilemo tsa Tsebo, ha re sheba ka kakaretso, re bona hore Taolo ya Tsebo e tswetse pele le boemong bo bonyenyane mme ya ba ya kgona ho laola le diphetoho.
Na taolo ya Tsebo ke ntho e ntjha?
Metheo ya Taolo ya Tsebo ha e metjha, jwalo ka ha ho se ho bontshitswe ka tsebo e hlahisitsweng ke batho ba kgalekgale (mohlala, ka tshebediso ya mollo, methale le bronse), mme ba e fetisetsa melokong le melokong e latelang ya ba ya phatlalla. Hlohlomiso ya taolo ya tsebo jwalo ka mohlodi wa thuso ke ntho e ntjha e ntseng e hola, le ha ho le jwalo, yona e hlaha diphetohong tse potlakileng tsa ditheknoloji tsa tsebiso le dikgokahano ekasitana le kananelo e ntseng e eketseha ya boleng ba tsebo jwalo ka leano la mohlodi wa thuso.
Na tsebo ke eng?
TSEBO ke mohlodi wa thuso oo bonyane e leng wa bohlokwa jwalo ka mehlodi ya thuso ya tlwaelo ya mobu, basebetsi kapa tjhelete. Taolo ya tlhokeho, kabo le phallo ya tsebo e ntse e ba leano le leholo hape le molemong wa mekgatlo, athe le ka fihlelwa hantle haholo ka ho sebedisa Taolo ya Tsebo.
Na Taolo ya Tsebo e fapane le Theknoloji ya Tsebiso?
Le ha Theknoloji ya Tsebiso e tlisa Taolo ya Tsebo, Theknoloji ya Tsebiso e mpa e le e nngwe ya dithuto tse 60 tse amohelwang ke Taolo ya Tsebo, ho kenyeletswa Bokgoni ba Batho, Antropoloji le Saekholoji. Taolo ya Tsebo e bua haholo ka batho le setho jwalo feela ka Thekonoloji ya Tsebiso.
Na e ka ba Taolo ya Tsebo ke theknoloji kapa ke ntho e sebediswang?
Taolo ya Tsebo ha se theknoloji feela, athe hape ha se ntho e sebediswang feela, empa ke tshebetso hape ke sehlopha sa ditheknoliji tseo tsohle di tshehetsang leano la kabelano ya mehopolo ya mekga bakeng sa ho tlisa tshibollo.
Na Taolo ya Tsebo e amana jwang le batho?
Ho e leng hwa bohlokwa ka Taolo ya Tsebo ke Batho ba Sebetsang ka Tsebo, batho ba bang le seabo ba sebetsa mokgatlong, mme ba matlafaditswe ke tsebo, hape ba na le boikarabelo ba ho sebeletsa bareki ba mokgatlo.
Taolo ya Tsebo e mabapi le batho ha ba bontsha ka moo ba itaolang ka teng, mme ho fapane le ho ba le tsamaiso e laolwang ke motho a le mong feela.
Ho fetola tsela eo dintho di neng di etswa ka yona, mme hona ho hloka ho fetola menahano kapa mosebetsi wa tlwaelo ho ya ho o nang le tshepo.
Ho abelana tsebiso ho tla etsa hore basebetsi ba mokgatlo ba kgone ho sebedisa tsebo e leng teng ho ena le ho qalla hape fatshe, ho ntshetswa pele tsebo.
Hona ho tla eketsa tshebediso e ntle ya nako, ke hore tlhahiso, le tshibollo, e leng tsona dihlahiswa tsa tsebo e ntjha.
Na Taolo ya tsebo e amana jwang le leano la mokgatlo?
Ntlha e nngwe hape ya Taolo ya Tsamaiso ke bohlokwa ba ho amahanya leano la Taolo ya Tsebo le leano la kgwebo la mokgatlo le etsang hore mokgatlo o kgone ho ntshetsa pele monyetla wa ona wa tlhodisano le ho ba teng ha ona.
Na phapang ke efe mahareng a data, tsebiso le tsebo?
Data e emetse ho bonwang kapa dintlha tse sa tsamaelaneng le ntho, mme tseo qetellong di sa hlakang hantle. Tsebiso e tla ka ho hlakisa data, hangata ka mokgwa wa molaetsa. Tsebo ke seo re se kgolwang le boleng bo theilweng hodima pokello e hlophisitsweng hantle ya tsebiso (melaetsa) ka boiphihlelo, dikgokahano kapa ho fihlela sephetho. Tsebo e ka bonwa e le ntho e lokelwang ho bolokwa e be e sebediswa ka tsela eo o e batlang, mme hape e ka bonwa e le tshebetso ya ho tseba le ho etsa ntho ka nako e le nngwe ? ke hore, ho sebedisa botsebi.2
Na Tseko ya Tsebo ke eng?
Tseko ya Tsebo ke sehlopha sa melawana eo ho dumelwang hore ke nnete ke bonyane motho a le mong, e le ka mokgwa wa molaetsa o nang le tsebiso e lekaneng bakeng sa motho e mong hore a utlwisise e be o nka mohato o itseng ka hoo. Ho na le ditsela tse lokelwang ho sebediswa bakeng sa ho tiisetsa tseko ya tsebo pele e ka amohelwa e le tsebo.
Na boleng ba tsebo bo ka lekangwa?
Ee, ka bokgoni ba bona ba ho thusa mokgatlo kapa motho a fihlele maikemisetso a hae hantle haholo.
Na ho na le makeno kapa website ya Taolo ya Tsebo?
Ho se ho hlonngwe makeno a Taolo ya Tsebo bakeng sa ho qala motjha wa dikgokahano tse akaretsang le Lefapha la Dikgokahano. Hona ho tla sebetsa jwalo ka mohlodi wa thuso bakeng sa Taolo ya tsebo, ho fane ka tsebo e mabapi le Taolo ya tsebo, mme hape e be mokgwa oo ka ona o tla phehisa ka ona ditherisanong tsa Taolo ya Tsebo mona Afrika Borwa.
Dipotso tse Botswang Hangata ka Taolo ya Tsebo, Loetse 2000
